Press statement on post elections way forward by LCN
 
 
   Menu  
 
  Commissions
  Current Projects
  Grants Management
  Monitoring and Evaluation
  News Updates
  LCN's Online Resource Center
 

 

Mekhatlo ea sechaba e ipopeletseng ho Lekhotla la Mekhatlo e Ikemetseng(LCN) e sa boela e leboha le ho lebohela sechaba sa Basotho, ka bo sona le ka boetapele ba sona, Komisi e Ikemetseng ea Likhetho, Lihlooho tsa Likereke, Litsi tsa Bophatlalatsi le bohle-bohle ka mosebetsi o khabane o babatsehang oa likhetho tsa khotso le phetisetso ea puso ho tloha ho lekhotla le neng le e tšoere ho ea ho babusi ba bacha ho se mofere-fere. Ho thabisang ka ho fetisisa ke hore Basotho ba entse sena ho se qobello le ha e le tšusumetso ea mang kapa mang ea hlahang kae kapa kae.


E le ntšetso-pele ea mosebetsi oa lona oa ho tlatsetsa kholisong ea puso ea sechaba ka sechaba Lesotho, Lekhotla la Mekhatlo e Ikemetseng le iphile nako ea ho ithuta kamoo litaba tsa lipolitiki le boemo ba puso li leng ka teng. Temoho ea mekhatlo ke hore ka thoko ho boipopo ba makhotla a tšoereng puso ho boetse ho na le boipopo ba makhotla a mang bo bitsoang Bloc ha ka ho le leng ho na le Lekhotla la Puso ea Sechaba (DC) le kopaneng le Basotho Batho Democratic Party (BBDP) athe Lekhotla La Mahatammoho lona ha se karolo ea le fe kapa le fe la mafapha ana. Ho feta mona Mekhatlo e boetse e lemohile hore sechaba le sona se sheba mafapha a na a boipopo ka litsela tse fapakaneng.

Mr. Sekonyela Mapetja and Mrs. Mpolokeng Mpeli during the Press Conference held at Victoria Hotel on 10/07/2012


Ke takatso ea mekhatlo ho tsoela pele ho thusetsa ho matlafatsa botsitso ba puso ea sechaba ka sechaba joalokaha le ‘nile la etsa nakong ea tokisetso ea likhetho le kamorao ho tsona. Sena mekhatlo e tla se etsa ka

• Ho tšoara liphutheho tse koaletsoeng le mafapha ana a boipopo ka karohano e leng Bloc, Coalition, Democratic Congress le mekha e meng e emetsoeng ka Paramenteng ea Lesotho. Liphutheho tsena li reretsoe ho qala ka Labone la la 12 Phupu 2012;

• Ho ba le kopano le mafapha a na ka kopanelo;

• Ho ba le kopano le ba mekhatlo le linaha tse nang le setsoalle le Lesotho ho shebisana tlatsetso eo ba ka e etsang ho ipapisitsoe le tse tšohluoeng liphuthehong ka ho fapakana;


• Ho epa likopano tsa khafetsa le baphatlalatsi ba litaba ho ba beha leseling la tse ntseng li etsahala methating eohle ea mosbetsi ona e le ho hlalosetsa sechaba ka lintlha tse bohlokoa tse tla hlahella lipuisanong e le ho tsitsisa kutloisiso litabeng tsa puso;

Mosebetsi ona oa mekhatlo o tataisoa ke sepheo se makala a mabeli e leng

(a)Ho fumana kutloisiso e batsi ea hore na lefapha ka leng le ikutloisisa joang le hore na kabelo ea lona matlafatsong ea puso ea sechaba ka sechaba e tla ba e fe. Ho feta moo le ho fumana hore na ke tlatsetso ea mofuta o fe eo lefapha le ka e hlokang hore le phethe boikarabello boo ka bo khabane;

(b) Ho fumana hore na mafapha a na a tla sebelisana joang hore le leng le le leng le hlompheloe sebaka empa morero o moholo e le ho matlafatsa puso ea sechaba ka sechaba.


 

  © Lesotho Council of Non-Governmental Organizations - 2016   Web Master - Sesale Godfrey Masike