Re le Lekhotla la Mekhatlo e Ikemetseng (LCN),
ho fihlile tlhokomelong ea rona re le ba nang le kobo ea bohali
litabeng tsa puso ea sechaba ka sechaba le puso e ntle hore bo-
ralipolotiki ba rona ba fihletse tumellano ea chechiso ea
Likhetho tsa Puso ea Libaka ka nako e sa behoang. Mabaka ao ba a
behang ho matlafatsa tlhokahalo ea chechiso ea likhetho ke a
latelang:
- Ho fa sebaka tokiso ea Molao oa Puso ea Libaka oa 1997
le Molao oa Likhetho tsa Puso ea Libaka oa 1998 le melao
emeng.
- Tšeho ea mabatooa a likhetho le lintlha tse ling tse
amanang le tsamaiso e ntle ea Likhetho tsa Puso ea Libaka
Lesotho.
- Ho fa mekha ea lipolotiki le IEC nako ea ho itukisetsa
Likhetho tsa Puso ea Libaka ho ipapisitsoe le melao e
lokisitsoeng.
Lehoja mabaka a fanoang ekaba a amohelehang,
taba e kholo ke hore na taba ena e ipapisitse le Molao oa Puso
ea Libaka ‘moho le oa Motheo na?
Re le Lekhotla la Mekhatlo e Ikemetseng, re lakatsa ho hopotsa
bohle hore Lesotho le ile la tšoara Likhetho tsa Puso ea Libaka
ka selemo sa 2005, ‘me tebello ea bohle ke hore likhetho li
tšoaroe selemong sena, joalokaha le Molao oa Puso ea Libaka o
bolela.
Boipotso ba Lekhotla ke hore na ke molao o fe o fang bapolotiki
matla a ho chechisa likhetho.
Re lakatsa ho bontša mona hore ha re ananele maikemisetso a
bontšitsoeng ke bo-ralipolotiki a hore Likhetho tsa Puso ea
Libaka li chechisoe ka mabaka a latelang:
-
Le hoja ho ka ba le mabaka a teng a ho
etsa joalo, re nka e le nonyetso ea puso ea sechaba ka
sechaba hore ebe re fetile lilemo tse ngata ho sa thoe letho
ka tokiso ea melao, ebe motsotsong oa ho qetela ha nako ea
likhetho e fihla e be li ka chechisoa ka le reng melao e
lokisoe. Re nka hona e le ho beha mehlala e ke keng ea
tsoela molemo puso ea rona ea sechaba ka sechaba.
-
Sechaba ke sona se tla ameha ka kotloloho
ka chechiso ena ea likhetho kaha boleng ba puso ea libaka e
le ho isa litšebeletso tlase-tlase mane motseng eleng hona
moo sechaba se lebeletseng ka tšepo e kholo hore bophelo ba
sona bo ntlafale.
Ntlha ena ea ho sisinya hore likhetho li
chechisoe ke e kholo ruri kaha e ama ka kotloloho le Molao oa
Motheo o hlakisang hore likhetho li tla tšoaroa ka hare ho nako
e sa feteng lilemo tse hlano ‘me ruri ha re hopole e ka ke taba
e ka nkoang hanyenyane. Re lakatsa ho supa mona hore ho bohlokoa
haholo ho beha lithahasello tsa Sechaba sa Basotho pele ho
tsohle.
Re le Lekhotla la Mekhatlo e Ikemetseng re tšoenngoa hape hore
ebe ho fihlela ha hajoale, Komisi e Ikemetseng ea Likhetho (IEC)
ha e so ntše phatlalatso mabapi le letsatsi la likhetho tsa Puso
ea Libaka. Re boetse re tšoenngoa ke boemo ba hore IEC ha e so
ntše polelo mabapi le khothaletso ea Bo-Ralipolotiki ea ho
sisinya ho chechisoa hoa tšoaro ea Likhetho tsena tsa Puso ea
Libaka.
Re ipiletsa ke hona hore bohle ba amehang ba boulele le ho
hlompha meoloane ea Puso ea Sechaba ka Sechaba le hore Komisi e
Ikemetseng ea Likhetho, eo eleng eona e ikarabellang tsamaisong
ea likhetho, e fe sechaba tokelo eo e se lokelang. |