Polelo ea Lekhotla la mekhatlo e ikemetseng (LCN) malebana lemaemo
a lipolotiki Lesotho ka la 05 May 2012 Lehakoe
 
 
   Menu  
 
  Commissions
  Current Projects
  Grants Management
  Monitoring and Evaluation
  News Updates
  LCN's Online Resource Center
 

 



Re le Lekhotla la Mekhatlo e ikemetseng (LCN), re lemoha hore kamor’a sephetho sa likhetho tsa la 26th Motšeanong 2012, ho na le maikutlo a fapakaneng ka har’a sechaba mabapi le methati e lateloang ha sephetho se se se phatlalalitsoe ‘me se eme ka tsela ena eo se leng ka eona. Re boetse re lemoha hape hore ha sechaba se ntse se fapanyetsana maikutlo ka litaba tsa molao oa motheo oa Lesotho le mokhoa oa ho khetha, ho na le mafosisa a mangata le litšoso tse lebisoang ho likarolo tse ling tsa sechaba ho kenyeletsoa le rona ba mekhatlo e ikemetseng. Re le mekhatlo e ikemetseng re tšoenngoa ke litšoso tsena tse supang ho hlokelana mamello nakong ena e kholo ntšetsopeleng ea puso ea sechaba ka sechaba Lesotho.

Sechaba se tla hopola hore sephetho sa likhetho se supa hore ha ho mokha oa lipolotiki o atlehileng ho hapa litulo tsa paramente tse bongata bo hlokahalang ho theha ‘muso o le mong ho latela molao oa motheo. E le ho ba boemong ba ho theha ‘muso ho latela lipallo tsa molao oa motheo ,mekha e fapakaneng ea lipolotiki e ntse e ferehana ho fihlela lilekane tse tla etsa hore e fihlele bongata bo hlokahalang.

Boemo bona bo tolokoa ka litsela tse ngata tse fapakaneng ke mekhahlelo ea sechaba e fapakaneng. Re tšoenngoa ke hore nakong ena ea bohlokoa pusong ea sechaba ka sechaba, ho bonahala tlhokahalo e kholo ea kutluisiso ea mokhoa oa ho khetha Lesotho eleng motsoako oa masiasiane le khekhethane(MMP) le molao oa motheo oa naha.

Ho latela mokhoa oa ho khetha mona Lesotho, litho tsa paramente li lekholo le mashome a mabeli(120), ‘me tsona li bopehile ka litulo tse mashome a robeli(80) tsa mabatooa le tse mashome a mane(40) tsa khekhethane. Ho latela molao oa motheo litho tsena tse 120 li na le tokelo e lekanang ha ho khethoa paramenteng ho kenyeletsoa le ho thehoa ha ‘muso. Ka hona ho latela molao oa motheo temana ea 87(2), motho eo e tla ba Tona-Kholo e lokela ho ba setho sa ntlo ea bakhethoa se ts’ehetsoang ke bongata ba litho tsena tse 120 tsa paramente.

Ho latela Molao oa Likhetho temana ea 106(4), sephetho se lokela ho phatlalatsoa nakong ea matsatsi a supileng likhetho li bile teng. Hang ho ba sephetho se phatlalatsoe, Komisi e Ikemetseng ea likhetho e phatlalatsa ka leselinyana la ‘Muso(Gazzette) mabitso a litho tsa paramente ho latela sephetho sa likhetho ‘me e tsebise Matsamaisi oa lipuisano. Sena ke ho ea ka temana ea 106(7)(c) ea ona molao oa likhetho. Ho feta moo Molao oa motheo oa Lesotho temana ea 82(1)(b)Motlotlehi o lokela ho bitsa Paramente ka har’a matsatsi a leshome le metso e mene(14 days) likhetho li bile teng. Tulo ea Paramente ea laboraro la la 6 Phuptjane 2012 ke eona tulo eo ea pele.

Ho bonahalang ho sa hlakele sechaba ke hore na ha paramente e buloa hosane ho tlang ho etsahala ke ho fe. Ho latela molao oa motheo, temana ea 63, mosebetsi oa pele oa ntlo e lokela ho ba khetho ea motsamaisi oa lipuisano le motlatsi oa hae ‘moho le ho nkisoa kano hoa litho tsa paramente. Re beha tlhaloso ena ele hore sechaba sa rona se lemohe litaba tsena ‘me se qobe mafosisa a ka tlohang a bakela methati ena ea bohlokoa mathata. Le ha re lumela hore methati ena e ne e lokela hore e be e latetsoe pele, tebello ke hore mekha e tla ipuha ka karohano(caucuses) ‘me lehlakore le nang le bongata bo lokelang le tsebise motsamaisi oa lipuisano hore na ke mang ea tla lokela ho suptjoa ke Motlotlehi ho ba Tona-kholo. Ho tloha moo Motsamaisi oa lipuisano o tla tsebisa lekhotla la naha ka boemo boo ‘me lona le eletse Motlotlehi ho supa Tona-kholo.l

Re le mekhatlo e ikemetseng re ipiletsa ho mekhahlelo eohle ea sechaba, haholo batšehetsi ba mekha ea lipolotiki ho ba le mamellano le ho fa ba khethetsoeng paramenteng monyetla oa ho sebetsa ka bolokolohi boo ba bo fuoang ke malao oa motheo. Ha ho nepahale ho ba etsetsa lits’oso ka sepheo sa ho susumetsa liqeto tsa bona. Ho nepahalang ke hore lipolotiki tsa lipuisano le lefereho li sebetsoe ka Khotso le boikarabello.

Re hopotsa Basotho hore esale mosebetsi oa likhetho o qalile, mekhatlo e shebane le ho thusa sechaba ho kenya letsoho litabeng tsa likhetho ka kutluisiso e phethahetseng ea methati le mekhahlelo ka ho fapakana. Le boemeng bona mekhatlo e nka e tse e le boikarabello ba eona ho hlasimolla sechaba e le ho se thusa hore mafolofolo a sona litabeng tsena a tataisoe ke kutluisiso.

Ka lebaka lena re nyatsa ka matla batho ba itlhaisang e le batšehetsi ba makhotla a itseng a lipolotiki ba keneng letšolong la ho etsetsa mekhatlo litšoso. Sepheo sa tsona ho bonahala ele ho khutsisa mekhatlo le ho e khathatsa matla mosebetsing ona oa ho fa sechaba tsebo. Re totobatsa hore mosebetsi ona oa mekhatlo, o sa qaleng kajeno, o tla tsoela pele ho fihlela sechaba sa Basotho se utluisisa ka ho phethahala litaba tsa tsamaiso ea puso. Boikarabello bona ke bo bopeletsoeng bophelong ba mekhatlo ea sechaba ka bo bona, ka hona ha re ka ke ra khutsisoa, ra tšabisoa, kapa ho thothometsoa ke batho bana ba fokolang mehopolong. ‘Nete ke hore batho bana ke karolo ea ba lokelang ho iphumanela molemo thutong ena e ntseng e fanoa ho sechaba ke mekhatlo.

Re tiisetsa sechaba sa Basotho hore re tla tsoela pele ho sebetsa le mafapha ohle; bophatlalatsi, komisi e ikemetseng ea likhetho eka sitana le mekha ea lipolotiki ho matlafatsa puso ea sechaba ka sechaba naheng ena.

Molimo o boloke Lesotho le Basotho!!

  © Lesotho Council of Non-Governmental Organizations - 2016   Web Master - Sesale Godfrey Masike